BIBELE e Halalelang

Deuteronoma 1:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke wona mantswe ao Moshe a kileng a a bolella Baiseraele kaofela, mose o kwana ho Jordane, feelleng, thoteng e lebaneng le Sufe, mahareng a Parane le Tofele, le Labane, le Hatserothe, le Di-Sahabe.

2. Ho tloha Horebe, ho ya fihla Kadeshe-Barnea, ka tsela ya thaba ya Seire, ke matsatsi a leshome le motso o mong.

3. Ka selemo sa mashome a mane, ka tsatsi le qalang kgwedi ya leshome le motso o mong, Moshe a bolella bana ba Iseraele tsohle tseo Jehova a neng a mo laetse hore a ba bolelle tsona.

4. Ke ha a sa tswa bolaya Sihone, morena wa Baamore, ya neng a ahile Heshbone, le Oge, morena wa Bashane, ya neng a ahile Ashtarothe le Edrei.

5. Moshe eitse ha a le mose o kwana wa Jordane, naheng ya Moabe, a qala ho hlalosetsa Baiseraele molao ona, a re:

6. Jehova, Modimo wa rona, o buile le rona re le Horebe, a re: Le dutse nako e lekaneng thabeng ena.

7. Sokolohang, le tsamaye, le ye thabeng ya Baamore le ditjhabeng tsohle tse bapileng le bona, lehwatateng, le thabeng, le thoteng, le nqa borwa, le lebopong la lewatle, naheng ya Bakanana, le Lebanone, ho ya fihla nokeng e kgolo, e leng noka ya Eufrate.

8. Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.

9. Mohlang oo, ka le bolella, ka re: Ke sitwa ho le jara ke nnotshi.

10. Jehova, Modimo wa lona, o le atisitse, mme ke mona kajeno le le ka ka dinaledi tsa lehodimo ka bongata.