BIBELE e Halalelang

Bakolose 4:4-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. ke tle ke se pepese ka mokgwa oo ke tshwanetseng ho se bolela ka wona.

5. Tsamayang ka bohlale pela ba kantle, le ntse le lopolla dinako.

6. Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.

7. Tikike, ngwaneso ya ratehang, mohlanka ya tshepehang, mong ka nna tshebeletsong ya Morena, o tla le tsebisa kahohle kamoo taba tsa ka di dutseng kateng.

8. Ke mo rometse ho lona ka hona hoo, hore a tle a tsebe kamoo taba tsa lona di dutseng kateng, mme a tshedise dipelo tsa lona.

9. O na le Onesima, ngwaneso ya tshepehang, ya ratehang, e leng e mong wa lona; ba tla le phetela tsohle tsa kwano.

10. Aristarke, ya tlamilweng le nna, o a le dumedisa; le motswala wa Barnabase, Mareka, eo le etseditsweng taelo ka baka la hae; ekare ha a etla ho lona, mo amoheleng.

11. Jesu, ya bitswang Juste, le yena o a le dumedisa. Ho ba lebollo, ke bona ba nnotshi ba ntshebedisang mmusong wa Modimo, mme ba bile tshediso ho nna.

12. Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.

13. Le nna ke paka hoba o fela a le tjhesehela haholo, le ba Laodisea, le ba Hierapolise.

14. Luka, ngaka e ratwang, le Demase, ba le dumedisa.

15. Dumedisang baena ba Laodisea, le Nimfase, le kereke e ka tlung ya hae.

16. Etlere ha lengolo lena le badilwe ha heno, le bone hore le balwe le kerekeng ya Laodisea; mme le lona le bale le tswang Laodisea.