BIBELE e Halalelang

Baheberu 9:4-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.

5. Kahodimo ho areka eo, ho ne ho le dikerubime tse kganyang, tse okametseng sekwahelo sa serapello. Empa jwale, hase sebaka sa ho bolela ntho tseo ka bonngwe.

6. Ntho tseo, ha di ne di lokisitswe jwalo, baprista ba ne ba kena ka matsatsi wohle sebakeng sa pele sa tabernakele, ho etsa tsa tshebeletso ya Modimo teng;

7. empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.

8. Moya o Halalelang o ne o re bontsha ka hoo hobane tsela ya sehalaledisiso e ne e eso ho ka e bulwa, ha tabernakele ya pele e ne e sa eme.

9. Empa e ne e le setshwantsho se etse ditsweng mehla ena, ha ho ne ho ntse ho hlahiswa dinyehelo le mahlabelo a sitwang ho hlatswa matswalo a ya etsang tshebe letso ya teng,

10. e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.

11. Empa Kreste, moprista e moholo wa menono e tlang ho hlaha, ha a pholleditse ka tabernakele e fetisang ka boholo le ka botle, e leng e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, eo e seng ya popo ena,