BIBELE e Halalelang

Baheberu 9:15-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

15. Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.

16. Hobane moo testamente e leng teng, e ka kgona lefu la moreri wa yona le pakwe.

17. Etswe taba tsa testamente di na le ho etsahala ha monga yona a shwele; empa moreri wa yona ha a sa le teng, ha ho etswe letho ka yona.

18. Ka baka leo, le sa pele selekane ha se a ka sa etswa madi a le siyo.

19. Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,

20. a re: Ke ana madi a selekane seo Modimo o se laetseng bakeng sa lona.

21. A ntoo foka le yona tabernakele le dipitsa tsohle tsa tshebeletso ka madi.

22. Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.