BIBELE e Halalelang

Baheberu 9:14-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!

15. Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.

16. Hobane moo testamente e leng teng, e ka kgona lefu la moreri wa yona le pakwe.

17. Etswe taba tsa testamente di na le ho etsahala ha monga yona a shwele; empa moreri wa yona ha a sa le teng, ha ho etswe letho ka yona.

18. Ka baka leo, le sa pele selekane ha se a ka sa etswa madi a le siyo.

19. Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,

20. a re: Ke ana madi a selekane seo Modimo o se laetseng bakeng sa lona.

21. A ntoo foka le yona tabernakele le dipitsa tsohle tsa tshebeletso ka madi.

22. Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.

23. Efela ho ne ho tshwaneleha hore dintho tse tshwantshang tse lehodimong di hlatsuwe ka mokgwa oo, empa haele tsa lehodimo di ne di tshwanela ho hlatsuwa ka mahlabelo a fetisang ao.

24. Hobane Kreste ha a ka a kena sehalalelong se entsweng ka matsoho, e leng setshwantsho feela sa sa sebele; empa o kene lehodimong la sebele, a tle a hlahe jwale pela sefahleho sa Modimo, sebakeng sa rona;

25. e seng hore a iketse pheko hangata, jwaloka moprista e moholo ha a kena sehalaledisisong ka selemo se seng le se seng, a tshwere madi ao e seng a hae.

26. Hobane hoja taba di dutse jwalo, ekabeba o hlabilwe hangata, haesale lefatshe le thewa; empa jwale, hobane nako di phethehe, o hlahile hang ho fedisa sebe ka ho iketsa sehlabelo.

27. Mme jwalokaha ho laetswe hoba batho bohle ba shwe hang, ho ntoo ba kahlolo;