BIBELE e Halalelang

Baheberu 9:10-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. e leng dijo le dino feela, le dihlatsuo tse ngata, le mekgwa ya nama, e beilweng ho be ho fihle nako ya tokiso.

11. Empa Kreste, moprista e moholo wa menono e tlang ho hlaha, ha a pholleditse ka tabernakele e fetisang ka boholo le ka botle, e leng e sa kang ya etswa ka matsoho, ke ho re, eo e seng ya popo ena,

12. o kene hang feela sehalaledisisong, e seng ka madi a diphooko le a manamane, empa e leng ka madi a hae a sebele, mme a etsa topollo e sa feleng.

13. Hobane ha esita madi a diphoho le a diphooko, le melora ya sethole eo ho fokwang ba ditshila ka yona, di ba hlatswa ka nqeng ya nama,

14. ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!

15. Ke ka baka leo Kreste e leng mmuelli wa selekane se setjha, hore lefu la hae ha le kenetse ho hlatswa ditlolo tse entsweng mehleng ya selekane sa pele, ba bitsitsweng ba fuwe lefa le sa feleng leo ba le baletsweng.

16. Hobane moo testamente e leng teng, e ka kgona lefu la moreri wa yona le pakwe.

17. Etswe taba tsa testamente di na le ho etsahala ha monga yona a shwele; empa moreri wa yona ha a sa le teng, ha ho etswe letho ka yona.

18. Ka baka leo, le sa pele selekane ha se a ka sa etswa madi a le siyo.

19. Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,