BIBELE e Halalelang

Baheberu 9:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha ho le jwalo, selekane sa pele se ne se na le melao ya tshebeletso, le sehalalelo e leng sa lefatshe.

2. Hobane mohla tabernakele e emiswang, ho ne ho etswe sebaka sa pele, moo ho beilweng kandelare, le tafole, le mahobe a pontsha, mme baka seo se ne se bitswa sehalalelo.

3. Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;

4. se neng se na le aletare ya dibano ya kgauta, le areka ya selekane e apesitsweng hohle ka kgauta, moo ho kenntsweng pitsa ya kgauta e tshetsweng manna, le thupa ya Aarone e thuntseng, le matlapa a selekane.

5. Kahodimo ho areka eo, ho ne ho le dikerubime tse kganyang, tse okametseng sekwahelo sa serapello. Empa jwale, hase sebaka sa ho bolela ntho tseo ka bonngwe.

6. Ntho tseo, ha di ne di lokisitswe jwalo, baprista ba ne ba kena ka matsatsi wohle sebakeng sa pele sa tabernakele, ho etsa tsa tshebeletso ya Modimo teng;

7. empa ke moprista e moholo a nnotshi ya neng a kena sebakeng sa bobedi, hang feela ka lemo se seng le se seng; mme o ne a sa kene haese ka madi ao a a hlahisang ka baka la dibe tsa hae le tsa setjhaba.