BIBELE e Halalelang

Baheberu 7:13-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Mme efela ya lekanngwang ka taba tseo ke wa leloko lesele le sa kang la eba le motho ya sebetsang aletareng;

14. hobane ho tsejwa hoba Morena wa rona o hlahile lelokong la Juda, e leng leo Moshe a sa kang a le abela boprista.

15. Mme moo hoo ho boetseng ho bonahalang ka ho fetisisa, ke ha ho hlahile moprista e mong hape ya tshwanang le Melkisedeke;

16. ya sa bewang ka molao wa leloko la nama, empa e leng ka matla a bophelo bo se nang ho fela.

17. Hobane Modimo o pakile, o itse: O moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.

18-19. Efela molao wa pele o tlositswe, kahobane o ne o fokola, o sa thuse letho — hobane molao ha o a ka wa phetha letho — mme ho kenntswe bakeng sa wona tshepo e fetisang, eo re atamelang Modimo ka yona.

20. Hape, ha kano e sa ka ya hlokahala

21. athe baprista bale ba pele ba beilwe ho se kano, empa yena o beilwe ka kano ke ya itseng ho yena: Morena o hlapantse, mme a ke ke a kweneha: O moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke —

22. ke moo ho bonahalang hoba Jesu o beilwe mmuelli wa selekane se fetisang sa pele.

23. Hape, haele baprista ba pele, ba nnile ba hlahlamana ba le bangata, kahobane lefu le ne le ba sitisa ho dula kamehla bopristeng.

24. Empa yena, kahobane ke wa kamehla, o na le boprista bo sa abuweng.