BIBELE e Halalelang

Baheberu 7:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke Melkisedeke eo, morena wa Saleme, le moprista wa Modimo o moholoholo, ya neng a ye ho kgahlanyetsa Abrahama, mohla a neng a sa tswa qhala marena, a ba a mo hlohonolofatsa;

2. ke yena eo Abrahama a bileng a mo abela karolo ya leshome ya tsohle, — eo mabitso a hae ha a fetolwa, la pele le reng, morena wa ho loka, la bobedi le re, morena wa Saleme, e leng ho re, morena wa kgotso;

3. ya se nang ntatae le mmae, ya se nang le leloko, leha e le qaleho ya ditshiu le qetello ya bophelo; empa e le ya entsweng ya tshwanang le Mora Modimo — e ya nne e sa le e le moprista ka ho sa feleng.

4. A le ke le lemoheng boholo ba eo ntata rona moholo Abrahama a mo abetseng karolo ya leshome ya dintho tseo e neng a di hapile.

5. Haele ba bara ba Levi ba amohelang boprista, ba na le molao wa ho nka karolo ya leshome ya ntho tsa setjhaba, ke ho re, tsa banababo bona, leha ba tswile le bona lethekeng la Abrahama.

6. Empa ya sa balweng lelokong la bona, o nkile karolo ya leshome ho Abrahama, mme o hlohonolofaditse eo dipallo di etseditsweng yena.

7. Athe ha ho motho ya ka hanang ha ho thwe, e monyenyane o ye a hlohonolofatswe ke e moholo.

8. Mme mona, ba nkang karolo ya leshome, ke batho ba shwang; empa mono, ya e nkileng, ke eo ho bolelwang hore o a phela.

9. Mme ho ka thwe, esita le yena Levi, ya nkang karolo ya leshome, o ntshisitswe yona ka Abrahama;

10. kahobane o ne a sa le lethekeng la ntatae moholo, Abrahama, mohla Melkisedeke a mo kgahlanyeditseng.

11. Jwale, hojane phetheho e ne e setse e hlahile ka boprista ba Levi — athe molao o neilweng setjhaba o theilwe hodima jona — ana tshwanelo e ne e sa le efe ya hoba ho ka hlaha moprista e mong ya bitswang ka mokgwa wa Melkisedeke, e seng ka mokgwa wa Aarone?