BIBELE e Halalelang

Baheberu 6:11-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Empa re rata hoba e mong le e mong a ka nna a hlahisa tjheseho yona eo ho isa qetellong, tshepo ya lona e tle e phethehe;

12. le tle le se ke la fetoha ba botswa, le mpe le be balatedi ba ba ruileng dipallo ka tumelo le ka sebete.

13. Hobane Modimo, mohla o neng o etsetsa Abrahama pallo, kahobane ho ne ho se e mong ya o fetisang, eo o neng o ka hlapanya ka yena, o hlapantse ka wona, o itse:

14. Ruri, ke tla o hlohonolofatsa, ke be ke o hlohonolofatse, ke tla o atisa, ke be ke o atise.

15. Mme Abrahama, hoba a lebelle ka sebete, ke moo a neilweng seo a neng a se baletswe.

16. Efela batho ba ye ba hlapanye ka ya ba fetisang, mme ha ho tiiswa taba ka kano, ke moo dikgang tsohle tsa bona di felang.

17. Ke ka baka leo Modimo, mohla o ratileng ho kgodisisa majalefa a pallo hoba morero wa wona ha o na ho fetoha, o kileng wa kenya kano;