BIBELE e Halalelang

Baheberu 5:6-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Jwalokaha lengolong le leng ho itswe: Wena, o moprista ka ho sa feleng, ka mokgwa wa Melkisedeke.

7. Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,

8. leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng.

9. Mme jwale, ha a phethehile, o entswe moetsi wa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utlwang,

10. mme Modimo o mmoletse hore ke moprista e moholo, ka mokgwa wa Melkisedeke.

11. Bakeng seo, re na le taba tse ngata tseo re ka di bolelang, empa di thata ho hlaloswa, ka hobane le fetohile ba botswa ho mameleng.

12. Hobane ekabeba ke kgale le le baruti, athe le sa ntse le tshwanelwa ke ho rutwa ditaba tsa bonyenyane, tseo taba tsa Modimo di qalwang ka tsona; mme le fetohile batho ba tshwanelwang ke ho fepjwa ka lebese, e seng ka dijo tse tiileng.

13. Hobane e mong le e mong ya fepjwang ka lebese, o sitwa ho ikutlwela lentswe la ho loka; kahobane e sa le ngwana;

14. empa dijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao dikelello tsa bona di lemaletseng ho kgetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebediswa hona.