BIBELE e Halalelang

Baheberu 4:3-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Empa haele rona ba dumetseng, re tla kena phomolong, kamoo o itseng kateng: Ka baka leo ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka! Athe mesebetsi ya Modimo esale e phetheha popong ya dintho tsohle.

4. Hobane ha o bolela letsatsi la bosupa, o itse lengolong le leng: Modimo o phomotse mesebetsing yohle ya wona ka letsatsi la bosupa.

5. Hape hona mona o re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka!

6. Jwale, haele moo ba bang ba tla kena ho yona, athe ba boleletsweng Evangeli pele ha ba ka ba kena ke ho se dumele.

7. Modimo o boetse o beile letsatsi le leng, e leng la kajeno, ha o bolela ka molomo wa Davida, kamora ditshiu tse ngata, o re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona.

8. Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Modimo o ka be o sa ka wa bolela le leng letsatsi.

9. Ha ho le jwalo, phomolo e teng e saletseng setjhaba sa Modimo.

10. Hobane ya keneng phomolong ya wona, le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwaloka Modimo ha o phomotse mesebetsing ya wona.

11. A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.

12. Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.

13. Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.

14. Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.