BIBELE e Halalelang

Baheberu 4:11-16 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. A re ke re itlhahaneleng ke hona ho kena phomolong eo, esebe e mong a tshoha a ewa ke ho ya ka mohlala wa bao ba sa kang ba dumela.

12. Hobane Lentswe la Modimo ke lentswe le phelang, le matla, mme le fetisa ka bohale disabole tsohle tse leoditsweng ka nqa tse pedi; mme le a hlaba, le ye ho kena le dikgaohanong tsa pelo le tsa moya, le manonyellong le mokong; mme le ahlola maikutlo le mehopolo ya pelo.

13. Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.

14. Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.

15. Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.

16. Ka baka leo, a re atameleng ka tshepo terone ya mohau, hore re tle re bone mohau, mme re fumane lereko, re tle re thuswe nakong e loketseng.