BIBELE e Halalelang

Baheberu 4:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. A re tshabeng ke hona, haele moo pallo ya ho kena phomolong ya wona e sa le teng, esebe e mong wa rona a ka bonahala hoba eka o haeletswe ke yona.

2. Hobane le rona, re boleletswe Evangeli jwaloka bona; empa bao, lentswe leo ba le utlwileng ha le a ka la ba thusa letho, ka baka la hobane ha le a ka la fihlelana le tumelo pelong tsa ba le utlwileng.

3. Empa haele rona ba dumetseng, re tla kena phomolong, kamoo o itseng kateng: Ka baka leo ke hlapantse kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka! Athe mesebetsi ya Modimo esale e phetheha popong ya dintho tsohle.

4. Hobane ha o bolela letsatsi la bosupa, o itse lengolong le leng: Modimo o phomotse mesebetsing yohle ya wona ka letsatsi la bosupa.

5. Hape hona mona o re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka!

6. Jwale, haele moo ba bang ba tla kena ho yona, athe ba boleletsweng Evangeli pele ha ba ka ba kena ke ho se dumele.

7. Modimo o boetse o beile letsatsi le leng, e leng la kajeno, ha o bolela ka molomo wa Davida, kamora ditshiu tse ngata, o re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona.

8. Hobane holane Joshua o ba kentse phomolong, Modimo o ka be o sa ka wa bolela le leng letsatsi.

9. Ha ho le jwalo, phomolo e teng e saletseng setjhaba sa Modimo.

10. Hobane ya keneng phomolong ya wona, le yena o phomotse mesebetsing ya hae, jwaloka Modimo ha o phomotse mesebetsing ya wona.