BIBELE e Halalelang

Baheberu 3:8-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla phephetso, mohla moleko feelleng;

9. moo bontata lona ba ntekileng, ba nkgathaditseng, mme ba bone mesebetsi ya ka ka dilemo tse mashome a mane.

10. Ka baka leo, ka na ka halefiswa ke moloko oo, ka re: Pelo tsa bona di kgeloha kamehla; ha ba ka ba tseba ditsela tsa ka.

11. Ke moo ke hlapantseng kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka!

12. Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;

13. le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: Kajeno! esebe e mong ho lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.

14. Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;

15. ha ho ntse ho thwe: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla phephetso.

16. Na ba le utlwileng, ba ba ba o phephetsa, ke bafe? Na hase bohle ba tlohileng Egepeta ka Moshe?

17. Ana ba o halefisitseng ka dilemo tse mashome a mane ke bafe? Na hase ba sitilweng, bao ditopo tsa bona di wetseng feelleng?

18. Mme ke ho bomang o kileng wa hlapanya hore ba ke ke ba kena phomolong ya wona, haese ho ba ikgantshitseng?

19. Ke moo re bonang hore ba ne ba sitwe ho kena ke ho se dumele.