BIBELE e Halalelang

Baheberu 3:7-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. Ka baka leo, jwalokaha Moya o Halalelang o bolela, o re: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona,

8. le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla phephetso, mohla moleko feelleng;

9. moo bontata lona ba ntekileng, ba nkgathaditseng, mme ba bone mesebetsi ya ka ka dilemo tse mashome a mane.

10. Ka baka leo, ka na ka halefiswa ke moloko oo, ka re: Pelo tsa bona di kgeloha kamehla; ha ba ka ba tseba ditsela tsa ka.

11. Ke moo ke hlapantseng kgalefong ya ka, ka re: Ba ke ke ba kena phomolong ya ka!

12. Banabeso, iponeleng, esebe e mong ho lona a ka ba le pelo e mpe ya ho se dumele, e mo lahlisang Modimo o phelang;

13. le mpe le kgothatsane ka matsatsi wohle, ha ho sa ntsane ho thwe: Kajeno! esebe e mong ho lona a ithatafatsa ka thetso ya sebe.

14. Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;

15. ha ho ntse ho thwe: Kajeno, ha le utlwa lentswe la wona, le se ke la thatafatsa dipelo tsa lona, jwaloka mohla phephetso.

16. Na ba le utlwileng, ba ba ba o phephetsa, ke bafe? Na hase bohle ba tlohileng Egepeta ka Moshe?

17. Ana ba o halefisitseng ka dilemo tse mashome a mane ke bafe? Na hase ba sitilweng, bao ditopo tsa bona di wetseng feelleng?