BIBELE e Halalelang

Baheberu 13:5-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.

6. Ka baka leo, re ka re ka tshepo: Morena ke mothusi wa ka, nke ke ka tshoha letho; motho a ka nketsang?

7. Hopolang badisa ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo, mme le etsise tumelo ya bona, le ntse le lemoha qetello ya ho phela ha bona.

8. Jesu Kreste e ne e le yena maobane, e sa le yena le kajeno, mme e tla nne e be yena ka ho sa feleng.

9. Le se ke la kgeloswa ke dithuto tse ngata, tseo e leng dithuto disele; hobane ho hotle ha motho a tiisa pelo ya hae ka mohau, e seng ka dijo tse sa kang tsa thusa ba di tshepileng.

10. Re na le aletare eo ba sebeletsang tabernakeleng ba se nang tokelo ya ho jela ho yona.

11. Ditopo tsa dikgomo tseo madi a tsona a nkelwang sehalalelong ke moprista e moholo ka baka la dibe, di tjheswa kantle ho setsha sa ditente.

12. Ka baka leo, Jesu le yena, a tle a halaletse setjhaba ka madi a hae, o kile a shwela kantle ho monyako wa motse.

13. Ka baka leo, re ke re tsweleng ho yena kantle ho setsha sa ditente, re ntse re jere sekgobo sa hae.

14. Hobane mona, ha re na motse o tiyang, empa re batla o tlang ho hlaha.

15. Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.

16. Le se ke la lebala ho etsa batho hantle, le ho fana; hobane Modimo o kgahliswa ke mahlabelo a jwalo.

17. Utlwang badisa ba lona, mme le ipee katlase ho bona, hobane bona ba fadimehela meya ya lona, etswe ba tla e botswa; ba utlweng, hore ba etse hona ka thabo, e seng ka hlomoho; hobane hoo ho ke ke ha le hlahisetsa molemo.

18. Re rapelleng; re fela re kgolwa hoba re na le letswalo le letle, re ntse re rata ho etsa hantle nthong tsohle.

19. Mme ke le kgothatsa haholoholo hore le ke le etse jwalo, ke tle ke busetswe ho lona kapele.