BIBELE e Halalelang

Baheberu 13:19-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Mme ke le kgothatsa haholoholo hore le ke le etse jwalo, ke tle ke busetswe ho lona kapele.

20. Modimo wa kgotso, o kgutlisitseng bafung Morena wa rona Jesu, modisa e moholo wa dinku, ka madi a selekane se sa feleng,

21. o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!

22. Ke a le rapela, banabeso, hore le ke le amohele polelo tseo tsa kgothatso; hobane ke le ngoletse hakgutswanyane.

23. Tsebang hobane ngwanabo rona, Timothea, o lokolotswe; ekare ha a ka tla kapele, ke tla tla le yena ho le bona.

24. Ntumedisetseng badisa bohle ba lona le bahalaledi bohle. Ba Italia ba le dumedisa.

25. Mohau o be le lona bohle. Amen!