BIBELE e Halalelang

Baheberu 12:6-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. hobane Morena o ye e laye eo a mo ratang, mme a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.

7. Ekare ha le mamella ho lauwa, Modimo o le etsa jwaloka bara ba wona, hobane ke ofe mora eo ntatae a sa mo layeng?

8. Ha le ke ke la lauwa, e leng hoo bohle ba nang le kabelo teng, ke ha le mpa le le bana ba bonyatsi, e seng bara ba sebele.

9. Mme ha esitile bontata rona ka nama ba re laile, mme re ba hlonephile, na haholoholo re ke ke ra utlwa eo e leng Ntata meya, re tle re phele na?

10. Athe bao ba re laile ka ditshiu di se kae, kamoo ba neng ba bona tshwanelo kateng; empa Morena o re laya ho re batlela molemo, re tle re be le kabelo kgalalelong ya hae.

11. Empa tayo ha e hlahela motho, ha ho bonahale kamoo e ka mo thabisang kateng; e a mo llisa; empa hamorao, ba rutwang ka yona e ba kotudisa kgotsong ditholwana tsa ho loka.

12. A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;

13. mme le etsetse maoto a lona ditsela tse lokileng, hore se hlotsang se se ke sa nonyetsehela ruri, se mpe se fole.

14. Phehellang, ho bale kgotso le batho bohle, le kgalalelo eo ho seng motho a tlang ho bona Modimo, ha a se na yona.

15. Iponeleng, hore e mong a se ke a haellwa ke mohau wa Modimo, monoko o mahloko o se ke wa le hlahela, wa tla wa le ferekanya, mme ba bangata ba senyeha ke wona.

16. Ho se ke ha eba e mong e leng mofebi, leha e le ya etsang ditaba tsa Modimo bosawana, jwaloka Esau, ya neng a bapatse ka boholo ba hae ba ho tswalwa, a reka sejonyana se le seng feela.

17. Athe le a tseba hobane hamorao, ha a ratile ho fuwa lefa la hlohonolofalo, o kile a hanwa, mme leha a kile a e batla ka meokgo, ha a ka a bona sebaka sa phetoho.

18. Hobane ha le a tla thabeng e ka angwang ka letsoho, leha e le mollong o tjhesang, leha e le lerung le letsho, leha e le lefifing, leha e le sefefong,

19. leha e le modumong wa terompeta, leha e le lentsweng le bolelang ditaba, leo ba kileng ba le utlwa ba rapetseng, ba re, ho ke ho leswe ho buwa le bona.