BIBELE e Halalelang

Baheberu 12:21-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

21. Mme ka baka la ho tshabeha ha se bonahalang, Moshe le yena o kile a re: Ke tshohile hampe, ke a thothomela.

22. Empa le tlile thabeng ya Sione, motseng wa Modimo o phelang, Jerusalema wa lehodimo, diketeng tsa dikete tsa mangeloi,

23. phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,

24. ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.

25. Iponeleng, le se ke la nyedisa ya buang le lona; hobane ba nyedisitseng ya neng a bua le bona a le lefatsheng, ha ba sa ka ba phonyoha, haholoholo rona re ka phonyoha jwang ha re furalla ya buang le rona a le mahodimong?

26. Eo lentswe la hae le kileng la sisinya lefatshe mohla monene, mme le jwale o sa baletse batho, a re: Ke sa tla be ke sisinye hang hape, e seng lefatshe feela, empa e leng le lona lehodimo.

27. Mme ha a re: Hang hape, ke ho lekanya hoba o tla fedisa dintho tse sisinngwang, etswe e le tse bopilweng, hore tse sa sisinyeheng di tiye kamehla.

28. Ka baka leo, haele moo re amohetse mmuso o sa sisinyeheng, a re ke re be le teboho eo re sebeletsang Modimo ka yona ka mokgwa o o khahlisang, ka hlompho le ka tshabo;

29. hobane Modimo wa rona ke mollo o timeletsang.