BIBELE e Halalelang

Baheberu 11:28-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

28. Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.

29. Ka tumelo, ba kile ba tshela Lewatle le Lefubedu, jwaloka hoja e le lefatshe le omileng; mme Baegepeta ha ba leka ho etsa jwalo, ba nkwa ke metsi.

30. Ka tumelo, marako a Jeriko a wele, hobane a potolohuwe ka matsatsi a supileng.

31. Ka tumelo, Rahaba, mosadi wa moetsadibe, ha a ka a timela le ba sa dumelang, hobane o ne a amohele dihlwela ka kgotso.

32. Mme nka eketsa ka bolela dife? Athe nka fellwa ke sebaka sa ho bolela tsa Gideone, le tsa Barake, le tsa Samsone, le tsa Jafeta, le tsa Davida, le tsa Samuele, le tsa baporofeta.

33. Bao bohle ka tumelo ba hlotse marena, ba sebeditse ho loka, ba ruile dipallo, ba thibile melomo ya ditau;

34. ba timile matla a mollo, ba phonyohile bohaleng ba lerumo, ba thusitswe dipabong tsa bona, ba entswe dinatla ntweng, ba qhadile makgotla a dira.

35. Basadi ba boetse ba newa ka tsoho bafu ba bona. Ba bang ba hlokofaditswe ka sehloho, ba hana ho lokollwa, ba tle ba bone tokoloho e fetisang tsohong ya bafu.

36. Ba bang ba tshwenyehile ka ditshomo, le ka ho shapuwa, le ka ditlamo, le ka diteronko.

37. Ba tlepeditswe ka majwe, ba sehlilwe ka disakga, ba lekilwe, ba bolailwe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a dinku le a dipodi, ba lahlehelwa ke tsohle, ba hloriswa, ba etswa hampe —