BIBELE e Halalelang

Baheberu 11:18-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. eo ho neng ho lekanntswe yena, ha ho thwe: Ditloholo tsa hao, tse tlang ho bitswa ka lebitso la hao, di tla hlaha ka Isaaka.

19. A lekanya hoba Modimo o ka tseba ho tsosa mora wa hae bafung; mme efela o boetse a mo rua ka mokgwa o kang wa tsoho.

20. Ka tumelo, Isaaka o kile a sitsa Jakobo le Esau ka hlohonolofatso e lebileng ho tse tlang ho tla.

21. Ka tumelo, Jakobo, mohla a shwang, o kile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ba babedi, mme a rapela a ikokotletse ka ntlha ya lere la hae.

22. Ka tumelo Josefa, mohla a shwang, o kile a bolela ho tloha ha bana ba Iseraele, mme a ba beela molao bakeng sa masapo a hae.

23. Ka tumelo, Moshe, hobane a tswalwe, o kile a patwa ke baholo ba hae ka dikgwedi tse tharo, ha ba mmona hoba ke ngwana e motle, mme ha ba ka ba tshoha molao wa morena wa Egepeta.

24. Ka tumelo, Moshe ha a se a hodile, o hanne ho bitswa mora wa moradi wa Faro;

25. a mpa a ikgethela ho tshwenngwa le setjhaba sa Modimo, e seng ho thabela menate ya dibe e felang kapele;

26. a kgolwa hoba sekgobo sa Kreste ke monono o fetisang matlotlo a Egepeta; hobane o ne a tadimile moputso.

27. Ka tumelo, o kile a tloha Egepeta, a sa tshabe bohale ba morena, kahobane o ne a tiya jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.

28. Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.