BIBELE e Halalelang

Baheberu 11:12-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

12. Ka baka leo, ho kile ha hlaha ka motho a le mong, ya seng a itjhweletse, bongata bo ka ka dinaledi tsa lehodimo le lehlabathe le se nang ho balwa le lebopong la lewatle.

13. Bao bohle ba shwele ka tumelo, ba eso ho newe tseo ba di baletsweng, ba mpa ba di bonetse hole, ba di dumetse, ba di dumedisitse, mme ba ipoletse hore ke basele le baeti lefatsheng.

14. Ba buang jwalo ba bonahala hoba ba batla moo e tla ba ha habo.

15. Efela hojane ba ne ba sa hopotse lefatshe leo ba faletseng ho lona, ba ne ba na le sebaka sa ho kgutlela teng.

16. Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.

17. Ka tumelo, Abrahama, mohla a lekwang, a hlahisa Isaaka; ya neng a neilwe dipallo, o hlahisitse mora ya mong ho yena;

18. eo ho neng ho lekanntswe yena, ha ho thwe: Ditloholo tsa hao, tse tlang ho bitswa ka lebitso la hao, di tla hlaha ka Isaaka.

19. A lekanya hoba Modimo o ka tseba ho tsosa mora wa hae bafung; mme efela o boetse a mo rua ka mokgwa o kang wa tsoho.

20. Ka tumelo, Isaaka o kile a sitsa Jakobo le Esau ka hlohonolofatso e lebileng ho tse tlang ho tla.

21. Ka tumelo, Jakobo, mohla a shwang, o kile a hlohonolofatsa bara ba Josefa ba babedi, mme a rapela a ikokotletse ka ntlha ya lere la hae.