BIBELE e Halalelang

Baheberu 11:1-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jwale, tumelo ke tshepiso e tiileng ya dintho tse lebeletsweng, ke pontsho e kgodisang ya tse sa bonweng.

2. Ka yona baholo ba bone poko e ntle.

3. Ka tumelo, re a tseba hoba dintho tsohle di bopilwe ke lentswe la Modimo, ka mokgwa wa hore tse bonwang ha di a ka tsa etswa ka tse bonahalang.

4. Ka tumelo, Abele o hlahisitse pela Modimo sehlabelo se fetisang sa Kaine; mme ka baka la yona o pakilwe hore o lokile, hobane Modimo o pakile dineo tsa hae; mme leha a shwele, le jwale o sa bua ka yona tumelo eo.

5. Ka tumelo, Henoke o nkilwe hore a se ke a bona lefu, mme ha a ka a fumanwa, kahobane Modimo o ne o mo nkile; mme enere a eso ho nkwe, o pakilwe hore o kgahlisitse Modimo.

6. Empa tumelo ha e le siyo, ha ho kamoo Modimo o ka kgahliswang kateng; ya atamelang Modimo e ka kgona a dumele hobane o teng, le hoba ke wona moputsi wa ba o batlang.

7. Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.

8. Ka tumelo, Abrahama, mohla a bitswang, o kile a utlwa, a fallela naheng eo a tlang ho e newa ka mokgwa wa lefa, mme a falla a sa tsebe moo a yang teng.

9. Ka tumelo, o kile a dula ka mokgwa wa mojaki naheng eo a e baletsweng, a aha ditenteng le Isaaka le Jakobo, bao e bileng majalefa le yena a pallo e le nngwe;

10. hobane o ne a lebeletse motse o nang le motheo, oo Modimo e leng mohahi le mothei wa wona.

11. Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.