BIBELE e Halalelang

Baheberu 10:30-39 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

30. Etswe re tseba ya itseng: Phetetso ke ya ka, ke tla ipheteletsa e le nna, ho itswalo ke Morena. Mme hape ho itswe: Morena o tla ahlola setjhaba sa hae.

31. Ke ntho e tshabehang ho wela matsohong a Modimo o phelang.

32. Le nne le hopole mehla ya pele, eo eitseng hobane le bonesetswe, la hla la mamella ntwa e kgolo ya bohloko.

33. Ka nqa e nngwe, la hoboswa pepeneneng ka mahlapa le ka dihloriso, mme ka nqa e nngwe la ba balekane ba ba etswang tse jwalo.

34. Hobane le kile la hlomohela ba ditlamong, mme le dumetse ka thabo ha ntho tsa lona di tlatlapuwa, la itsebela hobane le na le moruo o fetisang, o sa tloheng.

35. Ka baka leo, le se ke la lahla tshepo ya lona, e nang le moputso o moholo.

36. Hobane le tshwanetse ho ba le mamello, le tle le etse thato ya Modimo, le tle le ntoo kotula tseo le di tshepisitsweng.

37. Hobane ho se ho se hokae, mme ya tlang ho tla o tla hlaha; a ke ke a dieha.

38. Mme ya lokileng o tla phela ke tumelo; empa ekare ha a kweneha, moya wa ka ha o kgahliswe ke yena.

39. Haele rona, ha re batho ba kwenehang ho ya timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meya ya rona.