BIBELE e Halalelang

Baheberu 10:2-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. Hola ha ho jwalo, ha ke re, a ka be a lesitswe ho hlahiswa, hobane barapedi, ha ba se ba hlatswehile, ba ne ba ke ke ba hlola ba sa na le letswalo la dibe?

3. Empa mahlabelong ao ho boetse ha hopolwa dibe ka selemo se seng le se seng.

4. Hobane madi a dipoho le a diphooko a sitwa ruri ho tlosa dibe.

5. Ka baka leo, mohla a tla tla lefatsheng, o itse: Ha o a ka wa rata sehlabelo, leha e le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.

6. Ha o a ka wa kgahliswa ke ditjheso le ke mahlabelo a etswang ka baka la sebe.

7. Jwale ka re: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao; jwalokaha ho ngodilwe taba tsa ka bukeng.

8. Ha a setse a boletse pele, a re: Ha o a ka wa rata sehlabelo, le nyehelo, le ditjheso, le mahlabelo a etswang ka baka la sebe, mme ha o a ka wa kgahliswa ke tsona — athe ke tsona ntho tse hlahiswang ka molao —

9. ke moo a itseng: Bona, Modimo, ke tlile ho etsa thato ya hao. Ha a rialo, o fedisa sa pele, mme o hloma sa bobedi.

10. Ke ka yona thato eo re halaleditsweng ka sehlabelo sa mmele wa Jesu Kreste se entsweng hang.