BIBELE e Halalelang

Baheberu 10:1-5 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Hobane molao erekaha o ne o na le seriti feela sa menono e tlang ho hlaha, e seng sebele sa dintho, o sitilwe ruri ho phethisa barapedi ka mahlabelo a hlahiswang ka selemo se seng le se seng.

2. Hola ha ho jwalo, ha ke re, a ka be a lesitswe ho hlahiswa, hobane barapedi, ha ba se ba hlatswehile, ba ne ba ke ke ba hlola ba sa na le letswalo la dibe?

3. Empa mahlabelong ao ho boetse ha hopolwa dibe ka selemo se seng le se seng.

4. Hobane madi a dipoho le a diphooko a sitwa ruri ho tlosa dibe.

5. Ka baka leo, mohla a tla tla lefatsheng, o itse: Ha o a ka wa rata sehlabelo, leha e le nyehelo, empa o ntokiseditse mmele.