BIBELE e Halalelang

Bagalata 3:9-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

9. Ka baka leo, ba tumelo ba hlohonolofala le Abrahama modumedi.

10. Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.

11. Mme haele hoba ha ho motho ya ka bewang ya lokileng pela Modimo ke molao, ho a bonahala; kahobane ho itswe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.

12. Athe molao o hosele ho tumelo; o itse: Motho ya etsang ntho tseo o tla phela ke tsona.

13. Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;

14. hore lehlohonolo la Abrahama le fihlele baditjhaba ka Jesu Kreste, mme re amohele pallo ya Moya ka tumelo.

15. Banabeso — ke bua ka mokgwa wa batho — selekane leha e le sa motho, ha se se se tiisitswe, ha ho ya ka se fedisang, leha e le ho se ekeletsa.

16. Mme jwale, dipallo di etseditswe Abrahama le leloko la hae; ha ho thwe, meloko, jwaloka hoja ho bolelwa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itswe: Le ho leloko la hao, e leng Kreste.

17. Ha ho le jwalo, seo ke se bolelang, ke hoba selekane se tiisitsweng pele ke Modimo hodima Kreste, molao o tlileng kamora dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo ha o a ka wa se fedisa hore pallo e fetohe lefeela.

18. Hobane, hola lefa le newa ka molao, ha e sa le ka pallo; athe Modimo o le neile Abrahama ka pallo feela.

19. Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.

20. Mme mmuelli hase wa a le mong, empa Modimo o mong.

21. Ha ho le jwalo, na molao o hanana le dipallo tsa Modimo na? Le hanyenyane! Hobane molao o neilweng batho hoja o ka tseba ho phedisa, ruri ho loka ho ne ho tla tswa molaong.

22. Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.

23. Enere ha tumelo e eso ho tle, re ne re lebelwa ke molao, re hlahletswe ho wona, ho ntse ho lebeletswe tumelo e tlang ho bonahala.