BIBELE e Halalelang

Bagalata 3:17-29 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

17. Ha ho le jwalo, seo ke se bolelang, ke hoba selekane se tiisitsweng pele ke Modimo hodima Kreste, molao o tlileng kamora dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo ha o a ka wa se fedisa hore pallo e fetohe lefeela.

18. Hobane, hola lefa le newa ka molao, ha e sa le ka pallo; athe Modimo o le neile Abrahama ka pallo feela.

19. Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.

20. Mme mmuelli hase wa a le mong, empa Modimo o mong.

21. Ha ho le jwalo, na molao o hanana le dipallo tsa Modimo na? Le hanyenyane! Hobane molao o neilweng batho hoja o ka tseba ho phedisa, ruri ho loka ho ne ho tla tswa molaong.

22. Empa Lengolo le hlahletse batho bohle sebeng, hore pallo e tle e newe badumedi ka ho dumela ho Jesu Kreste.

23. Enere ha tumelo e eso ho tle, re ne re lebelwa ke molao, re hlahletswe ho wona, ho ntse ho lebeletswe tumelo e tlang ho bonahala.

24. Ka mokgwa o jwalo, molao e bile modisa wa bongwana ba rona, ho re isa ho Kreste, re tle re bewe ba lokileng ka tumelo.

25. Empa tumelo ha e se e tlile, ha re sa le pusong ya modisa eo.

26. Hobane bohle le bara ba Modimo ka ho dumela ho Jesu Kreste.

27. Hobane lona bohle ba kolobeditsweng ho Kreste, le apere Kreste.

28. Ha ho sa le Mojuda, leha e le Mogerike; ha ho sa le ya ruilweng, leha e le ya sa ruwang; ha ho sa le monna, leha e le mosadi; hobane kaofela ha lona le ntho e le nngwe ho Jesu Kreste.

29. Mme ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.