BIBELE e Halalelang

Bagalata 3:1-19 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Jo! Bagalata, mawatla ting! na le loilwe ke mang, ha le tla lesa ho utlwa nnete, lona bao Jesu Kreste a kileng a tshwantshwa pela mahlo a lona, jwaloka hoja a thakgisitswe hara lona?

2. Nka rata ho utlwa ho lona hona hoo feela: Ana le nkile Moya ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?

3. Na le mawatla keng hakakale, hore ere le qadile ka Moya, jwale le yo phethella ka nama na?

4. Hleka dihloriso tse kalo le di mamelletse lefeela na? Ha mohlomong e ka ba lefeela!

5. Ya le fang Moya, ya etsang mehlolo hara lona, na o e etsa ka mesebetsi ya molao, kapa a ke ka polelo ya tumelo na?

6. Jwalokaha Abrahama a dumetse ho Modimo, mme tumelo ya hae a e ballwa, ya eba ho loka;

7. le lemohe kahoo, hore ba tumelong ke bona bao e leng bana ba Abrahama.

8. Mme lengolo, ka ho iponela pele hoba Modimo o tla bea baditjhaba ba lokileng ka tumelo, le boleletse Abrahama Evangeli eo pele, la re: Ditjhaba tsohle di tla hlohonolofalla ho wena.

9. Ka baka leo, ba tumelo ba hlohonolofala le Abrahama modumedi.

10. Hobane bohle bao e leng ba mesebetsi ya molao, ba thohakong, hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya sa tiisetseng nthong tsohle tse ngodilweng bukeng ya molao, ho di etsa.

11. Mme haele hoba ha ho motho ya ka bewang ya lokileng pela Modimo ke molao, ho a bonahala; kahobane ho itswe: Ya lokileng o tla phela ke tumelo.

12. Athe molao o hosele ho tumelo; o itse: Motho ya etsang ntho tseo o tla phela ke tsona.

13. Kreste o re lopolotse thohakong ya molao, ka ho etswa thohako bakeng sa rona; — hobane ho ngodilwe, ho thwe: Ho rohakwe mang le mang ya fehilweng sefateng;

14. hore lehlohonolo la Abrahama le fihlele baditjhaba ka Jesu Kreste, mme re amohele pallo ya Moya ka tumelo.

15. Banabeso — ke bua ka mokgwa wa batho — selekane leha e le sa motho, ha se se se tiisitswe, ha ho ya ka se fedisang, leha e le ho se ekeletsa.

16. Mme jwale, dipallo di etseditswe Abrahama le leloko la hae; ha ho thwe, meloko, jwaloka hoja ho bolelwa e mengata, empa ka ho lekanya le le leng feela, ho itswe: Le ho leloko la hao, e leng Kreste.

17. Ha ho le jwalo, seo ke se bolelang, ke hoba selekane se tiisitsweng pele ke Modimo hodima Kreste, molao o tlileng kamora dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo ha o a ka wa se fedisa hore pallo e fetohe lefeela.

18. Hobane, hola lefa le newa ka molao, ha e sa le ka pallo; athe Modimo o le neile Abrahama ka pallo feela.

19. Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.