BIBELE e Halalelang

Bagalata 2:6-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. Haele ba lekanngwang hoba ke bao e leng dihlooho — leha e kile ya eba ba jwang le ba jwang mohla monene, ho nna hase letho, etswe Modimo o sa ye ka tshobotsi ya motho — ke re, ba lekanngwang hoba ke ba baholo, ha ba ka ba nkekeletsa ka letho.

7. Tjhe, empa yare ha ba bona hoba ke abetswe ho bolella ba sa bollang Evangeli, jwalokaha Petrose a abetswe ba bolotseng —

8. hobane ya sebeditseng ka ho Petrose ho mo etsa moapostola wa ba lebollo, o sebeditse le ka ho nna ka baka la baditjhaba — ke re, ba lekanngwang hoba ke ditshiya,

9. Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.

10. Feela ba re, re no hopola bafumanehi, mme ke sona seo ke thootheletsweng ho se etsa.

11. Empa mohla Kefase a tlileng Antioke, ka mo hanyetsa mahlong, hobane a ne a tshwanelwa ke ho nyatsuwa.