BIBELE e Halalelang

Bagalata 2:11-21 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

11. Empa mohla Kefase a tlileng Antioke, ka mo hanyetsa mahlong, hobane a ne a tshwanelwa ke ho nyatsuwa.

12. Hobane enere ba bang ba tswang ho Jakobo, ha ba eso ho fihle, o ne a ntse a eja le baditjhaba; empa yare ha ba fihla, a sutha kasanthao, mme a ikgetha ka ho tshaba ba lebollo.

13. Mme Bajuda ba bang ba iketsisa jwaloka yena; esita le Barnabase a hla a hulanngwa ke boikaketsi ba bona.

14. Empa eitse ha ke lemohile hobane ha ba hate ka ho loka nneteng ya Evangeli, ka re ho Petrose pontsheng ho bohle: Hleka wena, o leng Mojuda, ha o etsa ka mokgwa wa baditjhaba, e seng ka wa Bajuda, le phehellelang baditjhaba ho etsa ka Bojuda na?

15. Haele rona, re Bajuda ka mofuta, ha re baetsadibe ba baditjhabeng;

16. athe ka ho tseba hobane motho ha a bewe ya lokileng ke mesebetsi ya molao, empa e le ka ho dumela ho Jesu Kreste, le rona re dumetse ho Jesu Kreste, re tle re bewe ba lokileng ke ho dumela ho Kreste, e seng ke mesebetsi ya molao; hobane ha ho motho ya tla bewa ya lokileng ke mesebetsi ya molao.

17. Mme ha re ntse re batla ho bewa ba lokileng ke Kreste, ekare ha ho fumanwa hoba rona re sa le baetsadibe, na ke ho re Kreste o re sebedisa sebe na? Ho se ke ha thualo.

18. Hobane ekare ha ke tsosa dintho tseo ke di qhaqhileng, ekaba ke iketsa motlodi wa molao.

19. Athe nna ka molao ke shwele ka nqeng ya molao, ke tle ke phelele Modimo.

20. Ke thakgisitswe le Kreste, mme ha e hlole e le nna ya phelang, empa e le Kreste ya phelang ka ho nna; mme jwale, ha ke sa ntse ke phela nameng, ke iphelela tumelong ho Mora Modimo, ya nthatileng, a ba a itella nna.

21. Ha ke etse mohau wa Modimo lefeela; hobane ha ekaba ho loka ho tswa molaong, ekaba Kreste o shwetse lefeela.