BIBELE e Halalelang

Bagalata 1:8-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Athe motho, leha e ka ba rona, kapa lengeloi le tswang lehodimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse yona, a neelwe anathema.

9. Jwalokaha re se re le boleletse pele, le jwale ke sa rialo: Ekare ha e mong a fela a le bolella Evangeli esele ho eo le e amohetseng, a neelwe anathema.

10. Hobane, hleka ke re, ke emelwe ke batho, kapa ke Modimo na? Mohlomong, na ho ka thwe, ke rata ho kgahlisa batho? Athe hoja ebe ke sa rata ho kgahlisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.

11. Banabeso, ke le hopotsa hoba Evangeli eo ke le boleletseng yona, ha e ye ka ho ya ha motho:

12. hobane ha ke a ka ka e amohela ho motho, leha e le ho e rutwa ke motho; empa e bile ka tshenolo ya Jesu Kreste.

13. Le fela le utlwile metsamao ya ka ya pele, ha ke ne ke sa le Bojudeng, kamoo ke neng ke hlorisa kateng, ka bohale bosele, kereke ya Modimo, mme ke ne ke e ripitla.

14. Mme ke ne ke siile hole, ka taba tsa Bojuda, thaka tsa ka tse ngata, setjhabeng sa heso; e ne e le nna sehlooho sa ho tjhesehela mekgwa ya bontate.

15. Empa mohla ho kgahlileng Modimo, o neng o nkgethe ke sa le mpeng ya mme, wa ba wa mpitsa ka mohau wa wona,

16. ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;

17. le hona ha ke a ka ka nyolohela Jerusalema ho baapostola bao e bileng bona pele ho nna; ka mpa ka phakisa ka ikela Arabia, ka ntoo kgutlela Damaseka.

18. Yare ho feleng ha dilemo tse tharo, ya eba hona ke nyolohelang Jerusalema ho ya tsebana le Kefase, mme ka dula ha hae ditshiu tse leshome le metso e mehlano.

19. Mme ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.

20. Taba tseo, ha ke le ngolla tsona, bonang, pela Modimo, ha ke etse leshano.

21. Yaba ke ya mafatsheng a Siria le a Silisia.

22. Ke ne ke eso ho tsejwe ka mahlo ke dikereke tsa Judea tse ho Kreste;