BIBELE e Halalelang

Bagalata 1:18-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Yare ho feleng ha dilemo tse tharo, ya eba hona ke nyolohelang Jerusalema ho ya tsebana le Kefase, mme ka dula ha hae ditshiu tse leshome le metso e mehlano.

19. Mme ha ke a ka ka bona e mong wa baapostola ba bang, haese Jakobo, ngwanabo Morena.

20. Taba tseo, ha ke le ngolla tsona, bonang, pela Modimo, ha ke etse leshano.

21. Yaba ke ya mafatsheng a Siria le a Silisia.

22. Ke ne ke eso ho tsejwe ka mahlo ke dikereke tsa Judea tse ho Kreste;

23. di ne di utlwile feela, ha ho thwe: Ya neng a re hlorisa pele, jwale o bolela tumelo eo a neng a e ripitla pele.

24. Mme di ne di leboha Modimo ka baka la ka.