BIBELE e Halalelang

Bagalata 1:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke le Pauluse, moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Modimo Ntate, o mo tsositseng bafung;

2. ke ena le baena bohle ba ho nna ke ngolla dikereke tsa Galatia;

3. ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo Ntate, le ke Morena wa rona Jesu Kreste,

4. ya iteletseng dibe tsa rona, a tle a re namolele lefatsheng la jwale le lebe, ka ho rata ha Modimo, Ntata rona.

5. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng! Amen!

6. Ke maketse kahobane le setse le tlohetse ya le bitsitseng ka mohau wa Kreste, la phakisa ho fetela Evangeling esele;

7. e seng hore e nngwe e teng, empa batho ba teng ba le ferekanyang, mme ba rata ho sokanya Evangeli ya Kreste.

8. Athe motho, leha e ka ba rona, kapa lengeloi le tswang lehodimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse yona, a neelwe anathema.