1. “Tsoha, phatsima,hobane sedi la hao le tlile,tlotla ya Morenae phatsima hodima hao.
2. Lefifi le tla aparela lefatshe,tjhaba di be fifing la bo-nka-ntjana;empa Morena o tla phatsima,a phatsime hodima hao,tlotla ya hae e bonahale ho wena.
3. Baditjhaba ba tla hohelwake sedi la hao,kgosi di hohelweke redi le phatsimang la hao.
4. “Phahamisa mahloo qamake kahohle:Bohle ba a phutheha,ba itlisa ho wena;bara ba hao ba tla tswa holehole,baradi ba hao ba tleba sikilwe ka matsoho.
5. Tsena o tla di bona,thabo ya hao e kgaphatsehe,pelo ya hao e kokomoheke ho nyakalla haholo.Matlotlo a lewatle e tla ba a hao,maruo a baditjhabaa tla tliswa ho wena.
6. “Boiyane ba dikamelebo tla putukana ho wena,mekoloko ya dikamelee tswang Midiane le Efa;Basheba bohleba tla tlisa kgauta le mokubetso,ba bine thoko tsa Morena,ba mo tumise.
7. Mehlape yohle ya Kedaree tla phuthwa, e tliswe ho wena,dipheleu tsa Nabajotadi tla o sebeletsa, di etswe nyeheloe amohelehang aletareng ya ka,ebe Tempele ya kake e tlotlisa haholo.
8. “Baa ba pakaselangjwaloka leru ke bafe?Baa ba kang maebaa fofela dihlaheng tsa wona?