4. Ka baka la Jakobo,mohlanka wa ka,ka baka la Iseraele,mokgethwa wa ka,ke o bitsitse ka lebitso la hao,ka o rea bitso le hlomphehangleha o sa ka ntseba.
5. “Ke nna Morena, ha ho na e mong,kantle ho nna ha ho na Modimo.Ke tla o matlafatsa,le hoja o sa ntsebe,
6. e le hore ho tloha botjhabelaho ya bophirimelatjhaba di tsebehore ha ho e mong kantle ho nna.Ke nna Morena, ha ho na e mong.
7. Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi,ke a pholosa ke be ke timetse,nna Morena,tsena tsohle ke a di etsa.
8. “Lona mahodimotheolelang toka lefatsheng,maru a ke a nesetse lefatshe,a le nesetse ho loka,lefatshe le tle le itsibole,ho tle ho hlahetholwana tsa pholoho,toka e hole hammoho le tsona;nna Morena, tsena di entswe ke nna.”
9. “Ho madimabeya tsekisanang le Mmopi wa hae,yena e leng lengetanahara mangetana!Na letsopale ka re ho sebopi sa lona:<O etsang?>Na mosebetsi wa hao o ka re:<Ha o na tsebo>?
10. Ho madimabe ya reng ho ntatae:<O tswetseng?>Kapa ya reng ho mmae:<O belehileng?>
11. “Morena, Ya Halalelang wa Iseraele,Mmopi wa hao o bua tjena:Na o ka mpotsa tse tla etsahalaho bana ba ka?Kapa wa ntaela mabapale mosebetsi wa matsoho a ka?
12. Ke entse lefatsheka ba ka le bopela motho,esita le mahodimoka a ala ka matsoho a ka,le dinaledi tsohle tsa lehodimodi laelwa ke nna.
13. Ka ho loka ha kake susumeditse Siruse,tsela tsa hae tsohledi tla otlollwa ke nna.O tla tsosa marako a motse wa ka,a be a lokolle bathopuwa ba ka,a ba lokollentle ho theko kapa moputso,”ho rialo Morena wa mabotho.