BIBELE

Dipesalema 91 BIBELE (SSO89SO)

Ho phela tshireletsong ya Modimo

1. Ya phelang tshireletsongya Ya Hodimodimo,ya ahileng moritingwa Ya Matla wohle,

2. o re ho Morena:“O setshabelo sa kale qhobosheane ya ka,Modimo wa ka eo ke mo tshepang.”

3. Ke yena ya tla o tshwasollalerabeng la setsomi,le lefung le timetsang la sewa.

4. O tla o kwahela ka masiba a hae,o tshabele tlasa mapheo a hae.Botshepehi ba haeke thebe le thejana:

5. O ke ke wa tshaba ditshosa tsabosiu,kapa metsu e bebang motsheare,

6. leha e le lefu la sewale kgukgunang lefifing,leha e le koduwa e timetsanghara mpa ya motsheare.

7. Batho ba sekete ba ka wa,ba wa lehlakoreng la hao,le ba kete tse leshomeka letsohong la hao le letona;empa wenao ke ke wa hlahelwa ke letho.

8. O tla bona ka mahlo a haoha ba kgopo ba putswa.

9. Kahobane o entse Morenasetshabelo sa hao,mme Ya Hodimodimoo mo entse qhobosheane ya hao,

10. ha ho bobe bo ka o welang hodimo,ha ho kotlo e ka atamelangmotlotlwane wa hao.

11. O tla laela mangeloi a hae,a o lebele ditseleng tsohle tsa hao.

12. A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona,esere leoto la haola kgoptjwa ke lejwe.

13. O tla hata tau le marabe,o hatakele tawana le noha.

14. “Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,”ho rialo Morena,“ke mo sireletse,hobane o tseba lebitso la ka.

15. Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba;matshwenyehong ke be le yena,ke mo lopolle, ke mo tlotlise.

16. Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele,ke mmontshe ho pholosa ha ka.”