1. Thapelo ya Moshe, mohlanka wa Modimo.Morena, o bile setshabelo sa ronamelokong yohle.
2. Dithaba di eso be teng,le lefatshe, le tsohletsohledi eso hlahe,haesale o le Modimoya se nang bofelo.
3. O kgutlisetsa motho leroleng,o re: “Kgutlang, bana ba batho.”
4. Mahlong a hao dilemo tse seketedi ka letsatsi la maobanele seng le fetile,di ka nakwana ya bosiu.
5. O fedisa batho hanghang,e be e ke ke toro,ba ka jwang bo melang hoseng.
6. Hoseng bo a mela, bo palese;mantsiboya bo a pona, bo omelle.
7. Re fediswa ke kgalefo ya hao,re thothometswa ke bohale ba hao.
8. Makgopo a rona o a a bona,dibe tsa rona tse patehilengwa di bea pontsheng ya hao.
9. Ditshiu tsa rona tsohledi a kgutsufala,di kgutsufatswa ke bohale ba hao,dilemo tsa ronadi feta jwaloka mofehelo.
10. Ditshiu tsa ho phela ha ronake dilemo tse mashome a supileng;ha re phela hantle,di mashome a robedi.Empa bongata ba tsonake ba ditsietsi le mahlomola;di feta kapele, ebe re ile.