BIBELE

Dipesalema 9 BIBELE (SSO89SO)

Ho leboha Modimo ka baka la toka ya hae

1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane.

2. Morena, ke o bokaka pelo ya ka yohle,ke bolela dimakatso tsohle tsa hao.

3. Ke a o thabela,ke nyakallela ho wena;ke roka lebitso la hao,wena Ya Hodimodimo.

4. Dira tsa ka di tjhetjhile ka santhao,di kgopilwe, tsa timela ha o hlaha,

5. hobane o emetse nyewe ya kale ditokelo tsa ka,o dutse teroneng ya haoo le moahlodi ya lokileng.

6. O kgalemetse ditjhaba,wa timetsa ba kgopo,mabitso a bona wa a hlakolela ruri.

7. Dira di ripitletswe ruri;metse ya tsona o e fetotse masupi,ha e sa tla hlola e hopolwa.

8. Empa Morena o busa kamehla,terone ya hae o e theetse ho ahlola.

9. O ahlola lefatshe ka toka,ditjhaba o di ahlola a se na leeme.

10. Morena e ke e be qhobosheaneya ba hatellwang,qhobosheanenakong ya matshwenyeho.

11. Ba tsebang lebitso la haoba ke ba o tshepe,ba o tshepe hobane wena Morena,o ke ke wa furalla ba o batlang.

12. Rokang Morena ya busang Sione,phatlalatsang diketso tsa hae,le di phatlalatse hara ditjhaba,

13. hobane ya phetetsang madio hopola bahlophehi,ha a lebale sello sa bona.

14. Nkgauhele Morena,tadima kamooke hlophehileng kateng,ke hlophehileka baka la ba ntlhoileng,wena ya nnyolotseng kgorongya motse wa bafu,

15. e le horeke tle ke bolele dithoko tsa hao,ke di bolelekgorong ya motse wa Sione,mme ke nyakallehobane o mpholositse.

16. Ditjhaba di wetse lemenengleo di le tjhekileng,maoto a tsona a tshwasitsweke leraba leo di le tjhehileng.

17. Morena o itsebahaditse,o phethahaditse kahlolo,ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi,mesebetsi ya diatla tsa bona.

18. Ba kgopo ba ikela Nqalong ya Bafu:tjhaba tsohletse sa reng letho ka Modimo.

19. Mafutsana a ke ke a leballwa ruri,tshepo ya bahlophehie ke ke ya fetoha lefeela.

20. Thusa, Morena!Motho a se ke a kgantsha matla,ditjhaba di ahlolwe kapela hao.

21. Di kenye letswalo, Morena;ditjhaba di ke di tsebehore e ntse e le batho feela.