3. Ke wena Modimo wa ka,nkgauhele, Morena,ke ipiletsa ho wena kamehla.
4. Ako thabise mohlanka wa hao;ke o rapelaka moya wa ka wohle, Morena.
5. Wena Morena, o molemo,o a tshwarela;mohau wa hao o moholoho bohle ba ipiletsang ho wena.
6. Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe,o mamele sello sa thapedi ya ka.
7. Ha ke le matshwenyehongke ipiletsa ho wena,mme wena o a nkaraba.
8. Morena, ha ho ya tshwanang le wena,ya tshwanang le wena hara medimo,ha ho mesebetsi e kang ya hao.
9. Tjhaba tsohle tseo o di bopilengdi tla tla,di itihele maotong a hao Morena,di tlotlise lebitso la hao;
10. hobane o moholo, o etsa dimakatso,ke wena Modimo o inotshi.
11. Nthute tsela ya hao Morena,ke tle ke tsamaye nneteng ya hao;tataisetsa pelo ya katshabong ya lebitso la hao.
12. Morena, Modimo wa ka,ke tla o boka ka pelo ya ka yohle,ke tlotlise lebitso la haokamehla yohle.
13. Ho nna mohau wa hao o moholo,ke wena ya ntopolotsengbotebong ba Nqalo ya Bafu.