BIBELE

Dipesalema 82 BIBELE (SSO89SO)

Modimo o ahlola baahlodi ba sa lokang

1. Pesalema ya Asafo.Modimo o dutse lekgotlengla bomodimo,o ahlola a le hara baahlodi.

2. O re: “Le tla ahlolaho fihlela neng,le ntse le ahlola hampe,le nne le emele ba kgopo?

3. Ahlolelang mofokodi ka toka,ahlolelang le kgutsana ka toka;etsetsang mohlophehi toka,le mohloki le mo etsetse yona.

4. Lopollang mofokodi le mofutsana,le ba namolele matsohonga ba kgopo.”

5. Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso,ba itsamaela lefifing,ba sisinya metheo ya toka.

6. Ke ile ka re: “Le medimo,lona bohlele bana ba Ya Hodimodimo;

7. empa le tla shwa jwaloka batho,le we jwaloka kgosana efe kapa efe.”

8. Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe,hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao.