6. Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona,tsa robala boroko ba lefu;bahlabani bohleba sitilwe ho itwanela.
7. Yare ha o kgalemela,wena Modimo wa Jakobo,dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha,tsa fetoha diemahale.
8. Wena, o a tshabeha!Ke mangya ka emang kapele ho wena,a ema teng ha o halefile?
9. O dihile kahlolo o le lehodimong,lefatshe la tshoha, la kgutsa,
10. ha Modimo a ema ho ahlola bohle,le ho pholosa bohle,bohle ba eisehang ba lefatshe.
11. Kgalefo ya bathoe tla o fetohela thoriso,ba phonyohileng kgalefo ya haoba tla o etsetsa mekete.
12. Etsang dikano,le di etsetse Morena Modimo wa lona,le be le di phethe;ditjhaba tsohle tse kamathokodi nyehelle Ya Tshajwang,
13. yena ya fedisang boikgohomoso,boikgohomoso ba mahosana,yena ya tshajwangke dikgosi tsa lefatshe.