BIBELE

Dipesalema 74 BIBELE (SSO89SO)

Kodi-ya-malla kamora ho senngwa ha Tempele

1. Thothokiso ya Asafo, e nang le thuto.Modimo, na o re lahletse ruri?Keng ha o halefela mohlape,mohlape wa makgulo a hao,o o halefela ka bohale bo tukang?

2. Ako hopole phutheho ya haoeo e bileng leruo la hao,leruo la hao ho tloha kgale,eo o e lopolotseng,moloko oo e leng lefa la hao;le thaba ya Sioneeo o ahileng ho yona.

3. Lebisa mehato ya hao dithakong,dithakong tseo tsa kgale,sera se sentse tsohletse ka Sehalalelong.

4. Ba o lwantshang ba puruma,ba puruma ba le Sehalalelong sa hao,ba hlomile mekgele ya bona,ba e hloma e le pontsho ya tlholo.

5. Ba tshwana le ba kenang morung,ba kenang teng ka dilepe;

6. mekgabiso yohle ya yona ya lehong,ba e pshatlile ka dikwakwa,ba e pshatla le ka dikoto.

7. Ba tjhesitse Sehalalelo sa hao,ba heletsa,ba tlontlolla Leaho la hao.

8. Ka dipelong tsa bona ba itse:“A re ba hatakelengkaofela ha bona,re tjhese dibaka tsohle tsa phutheho,tsa phutheho ya Modimonaheng ena.”

9. Ha re sa na pontshotse tswang ho Modimo,ha ho sa le moporofeta;hara rona ha ho le ya mongya tsebang horeho tla ba jwalo ho fihlela neng.

10. Modimo, ya o lwantshang,o tla o nyefola ho fihlela neng?Na sera se tla o nyedisa,se nyedise lebitso la hao kamehla?

11. O sa tshwaretsengletsoho la hao?O patetsengletsoho la hao le letona,wa le pata sefubeng sa hao?

12. Athe Modimo, o kgosi ya kaho tloha mehleng ya kgale,wena mohlodi wa topollo lefatsheng.

13. Ke wena ya ileng a arohanya lewatle,wa le arohanya ka matla a hao,wa pshatla hlooho tsa dikganyapa,wa di pshatela lewatleng.

14. wa di thuakanya dihlooho,wa di abela ditlhapie be dijo tsa tsona.

15. Ke wena ya ileng a bulela didiba,wa bulela le dinokana,wa pshesa dinokatse phallang kamehla.

16. Motsheare ke wa hao,le bosiu ke ba hao;kgwedi le letsatsi o di beile,wa di bea madulong a tsona.

17. Ke wena ya ileng a seha meedi,wa seha meedi yohle ya lefatshe,lehlabula le marihadi entswe ke wena.

18. Morena, ako hopolekamoo sera se o nyefolang kateng,kamoo setjhaba sa dithotose nyedisang lebitso la hao kateng.

19. Se neele sebatamoya wa Leeba la hao,bophelo ba mafutsana a haoo se bo leballe ruri.

20. Ako hopole selekane sa hao,hobane diqhobo tsohle tsa nahadi tletse ba sehloho.

21. Ya hatellwanga se ke a hlajwa ke dihlong,mohlophehi le mofutsanaba rorise lebitso la hao.

22. Tsoha Modimo, o itwanele,hopola hore sethoto se a o nyefola,se o nyefola ka matsatsi wohle.

23. Se lebale ho rora ha ba o lwantshang,ho eketseha ha leratala ba o tsohelang matla.