1. Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini; ya Jedutune.
2. Ke ho Modimo feelamoo moya wa ka o ka phomolang,pholoho ya ka e tswa ho yena.
3. Ke yena feela lefika la ka,ke yena feela pholoho ya ka;ke qhobosheane ya ka,nke ke ka sisinyeha.
4. Lona bohle, le tla nne le pheelleho rusolla motho ho fihlela neng,leha a se a le jwaloka lerako,rako le hlephileng,le motero o nyehlileng?
5. Ruri ba rera ho mo dihaboemong ba hae bo phahameng,ba thabela leshano.Ka melomoba hlohonolofatsa motho,empa ka dipelongba a mo rohaka.
6. Moya wa ka o phomolaho Modimo feela,hobane tshepo ya ka e tswa ho yena.
7. Ke yena feela lefika la kale pholoho ya ka;ke qhobosheane ya ka,nke ke ka sisinyeha.
8. Pholoho ya kae tswa ho Modimo,le tlotla ya kae tswa ho yena,ke yena lefika la ka le matla;Modimo ke setshabelo sa ka.
9. Mo tshepeng ka dinako tsohle,mo tshepeng lona tjhaba sa heso,mmuleleng difuba tsa lona.Modimo ke setshabelo sa rona.
10. Bafo ke lefeela,marena ke thetso;sekaleng ba bobebe,kaofela ha bona ke lefeela.
11. Se tshepeng ho hanyapetsa batho,se ithetseng ka ho ikgapela maruo,ka ho ikgapela maruo a ba bang;leha maruo a lona a ka eketseha,se beeng pelo tsa lona ho wona.