1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele.
2. Modimo, ako utlwe sello sa ka,ako mamele thapelo ya ka.
3. Ke ipiletsa ho wenake le pheletsong tsa lefatshe,pelo ya ka e saretswe.O ntlhwesetse lefikengleo ke sitwang ho le hlwa,
4. hobane o setshabelo sa ka,qhobosheane e matlamahlong a dira tsa ka.
5. A nke ke duleka Tempeleng ya hao kamehla,ke tle ke tshabeletlasa mapheo a hao.
6. Wena Modimo,o amohetse dikano tsa ka;ba tshabang lebitso la haoo ba fa seo ba se lakatsang.
7. Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo,dilemo tsa yonadi akaretse le meloko e tlang.
8. E ke e dule teronengkamehla le mehla,e dule kapele ho Modimo;mohau le nnete ya haodi ke di e boloke.
9. Ke moo ke tla rokalebitso la hao kamehla,ha ke ntse ke phetha dikano tsa ka,ke di phetha ka matsatsi wohle.