BIBELE

Dipesalema 6 BIBELE (SSO89SO)

Thapelo ya motho ya tsietsing

1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele, le ka seletsa se kgwele tse robedi.

2. Oho, Morena,o se ke wa nkotla o nkgalefetse,o se ke wa nkgalemela o le bohale.

3. Nkgauhele Morena,hobane ke feletswe ke matla;mphodise Morena,hobane ke opelwa ke masapo,

4. mme ke sarelwa haholo.Empa wena Morena,o tla dieha ho fihlela neng?

5. Kgutla Morena, o nnamolele,o mpholoseka baka la mohau wa hao.

6. Bafu ba ke ke ba o hopola;ke mang ya ka o tlotlisangNqalong ya Bafu?

7. Ke kgathetse ke ho nna ke fehelwa;ka masiu wohle ke kolobisa diphate,ke kolobise diphate tsa ka ka meokgo,ke tshela mosamo wa kaka dikgapha.

8. Mahlo a ka a motela ke maswabi,a fifala ka baka la batubi ba ka.

9. Tlohang ho nna,lona bohle ba kgopo,hobane Morena o utlwile sello sa ka.

10. Morena o utlwile kopo ya ka,Morena o amohetse thapelo ya ka.

11. Dira tsa ka tsohledi tla hlajwa ke dihlong,di tshohe haholo;di tla tjhetjha,di hlajwe ke dihlong hanghang.