BIBELE

Dipesalema 56 BIBELE (SSO89SO)

Thapelo ya ho tshepa Modimo

1. Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa modumo wa “Leeba le difateng tse hole”. Ke ya mohla Bafilesita ba neng ba tshwere Davida motseng wa Gate.

2. Oho, Modimo, ako nkgauhele,hobane batho ba a nkgatakela,ba ntwantshangba mpatisitse kamehla,

3. Ba ntaletseng ba nkgatakela kamehla,ba bangata ba ntwantshang.

4. Wena Ya Hodimodimo,mohla ke tshohileng,ke tla tshepa wena.

5. Ke rorisa Modimo,hobane ke a mo tshepa,ke tshepa Modimo,nke ke ka tshaba letho;motho yena a ka nketsang?

6. Ba sotha dipuo tsa ka kamehla,merero yohle ya bonae ntswalla bobe.

7. Ba a bokana, ba ipatele nna,ba lalle metsamao ya ka,ba ntse ba tsoma bophelo ba ka.

8. Na ba ka phonyohaka baka la bokgopo ba bona?Oho, Modimo,ako dihe baditjhaba,o ba dihe ka kgalefo ya hao.

9. O tseba ho lelera ha ka,o kgakeleditse meokgo ya ka,o e kgakeleditse ka lefiswana;na tsee ha di a ngolwabukeng ya hao?

10. Ha ke ipiletsa ho wena,dira tsa ka di tla tjhetjha.Ke a tsebahore Modimo o na le nna.

11. Ke rorisa Modimohobane ke a mo tshepa,ke rorisa Morenahobane ke a mo tshepa.

12. Ke tshepile Modimo,nke ke ka tshaba letho;motho yena a ka nketsang?

13. Modimo, dikano tsa ka ho wenadi ntlamile;ke tla o nyehellaka mahlabelo a teboho,

14. hobane o mpholositse lefung,o phemisitse maoto a ka,wa a phemisa ho kgopjwa,ke tle ke tsamayepontsheng ya Modimo,seding la ba phelang.