1. Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.
2. Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona,bo-ntata rona ba re phetetse tsohletseo o di entseng mehleng ya bona,wa di etsa ka tsoho la hao,wa di etsa mehleng eo ya kgale.
3. O ile wa leleka ditjhaba,hore o tle o ba bee naheng ya tsona;wa etsa merabe hampe,hore ba tle ba namele hohle.
4. Hase ka sabole ba hapileng naha eo,leha e le ho hlolaka matsoho a bona;empa e bileka tsoho la hao le letona,le ka sefea sa hao,le ka ho ba phuthollelafahleho sa hao,hobane o ne o ba rata.
5. Ke wena kgosi ya kale Modimo wa ka,ya sitsang Jakobo ka tlholo.