BIBELE

Dipesalema 44 BIBELE (SSO89SO)

Kodi-ya-malla ya tjhaba se hlotsweng

1. Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.

2. Modimo, re utlwile ka tsebe tsa rona,bo-ntata rona ba re phetetse tsohletseo o di entseng mehleng ya bona,wa di etsa ka tsoho la hao,wa di etsa mehleng eo ya kgale.

3. O ile wa leleka ditjhaba,hore o tle o ba bee naheng ya tsona;wa etsa merabe hampe,hore ba tle ba namele hohle.

4. Hase ka sabole ba hapileng naha eo,leha e le ho hlolaka matsoho a bona;empa e bileka tsoho la hao le letona,le ka sefea sa hao,le ka ho ba phuthollelafahleho sa hao,hobane o ne o ba rata.

5. Ke wena kgosi ya kale Modimo wa ka,ya sitsang Jakobo ka tlholo.

6. Ke ka wena re dihangba re lwantshang;ka lebitso la hao re a hatakelare hatakela ba re tsohelang matla.

7. Ha ke a tshepa seqha sa ka,le ho hlola ka sabole ya ka.

8. Empa ke wena ya re pholosang,ya re pholosangho ba re lwantshang;ba re hloilengba hlabisa dihlong.

9. Re rorisa Modimo kamehla,ha re kgaotse ho boka lebitso la hao.

10. Empa jwale o re lahlile,wa etsa hore re tlontlolohe;ha o sa tswa le mabotho a rona.

11. O entse hore ba re lwantshangba re tjhetjhise;ba re hloilengba ikgapetse tsa rona,ba ikgapela tsona ka ho rata.

12. O re tloheletseho ba dinku tse hlajwang,wa re qhalanya hara ditjhaba.

13. O rekisitse setjhaba sa haoo sa fumane letho,ha o a rua letho ka theko ya sona.

14. O re fetotse sekgoboho baahisane ba rona;sesomo le setshehoho ba re potapotileng.

15. O re entse pale hara ditjhaba,merabe e re sisinyetsa dihlooho.

16. Ke hopolaho tlontloloha ha ka kamehla,sefahleho sa kase aparetswe ke dihlong,

17. ka baka la mantswe a ya hlapaolang,mantswe a ya nyefolang,ka baka la sera le moiphetetsi.

18. Tsena tsohle di re wetse hodimotsa re wela re sa ka ra o lebala,re sa ka ra roba selekane sa hao.

19. Pelong tsa rona ha re a o kwenehela,maoto a ronaha a a fapoha tsela ya hao;

20. empa wena o re robokeletse,wa re robokellamoo ho phelang diphokojwe,wa re kwahela ka lefifi,fifi le letsholetsho.

21. Hoja re ne re lebetse lebitso,lebitso la Modimo wa rona,re phahamisitse matsoho a rona,re a phahamiseditse modimo osele,

22. na Modimo a ka be a sa sibolla hoo,yena ya tsebang diphiritse ka dipelong?

23. Ke ka baka la haore bolawang kamehla,re nkwang re le dinku tse hlajwang.

24. Tsoha, Morena, o robaletseng?Tsoha, o se ke wa re lahlela ruri!

25. O patetseng sefahleho sa hao?O lebaletsengho hlopheha ha ronale ho hatellwa ha rona?

26. Meya ya rona e kudupana leroleng,re hahaba fatshe ka dimpa.

27. Tsoha, o re thusetse!Re lopolle ka baka la mohau wa hao.